| TERM |
PLAIN ENGLISH |
DEFINITION |
TRANSLATION |
TRANSLATION |
| Adverse events |
Adverse events |
Any health problem that happens after a shot or other vaccine. An adverse event might
be truly caused by a vaccine, or it might be pure coincidence. |
Ditlamorao (Ketsahalo tse Mpe) |
Bothata bofe kapa bofe bo ka hlahang ka morao ho amohela ente. Bothata bona bo ka bakwa
ke ente kapa hwa iketsahalla fela hore o kule. |
| Anaphylaxis / Anaphylactic shock |
Allergic reaction |
A very extreme allergic reaction that can cause a shock to the body, and symptoms can
include skin rash, nausea, vomiting, difficulty breathing and shock. |
(Tshwaetso mmele) Se sa tsamaisaneng le mmele. Dihanammele |
Ho sa tsamaisane(dumellane) le mmele ho bakang tshitiso ya phallo ya madi mmeleng, o ka
bona ka matshwao a kang makgopo a masesane, ho nyekelwa ke pelo, ho hlatsa le ho hema ka
boima . |
| Antibodies |
Antibodies |
Antibodies are proteins that our bodies make to fight a specific illness that attacks
our bodies. They are specialised soldiers that the body uses to fight every illness
differently. When a new virus like COVID-19 comes attacks us it take the body a few days
to create the soldier antibodies that can attack it. |
Masole a mmele |
Mmele ya rona e aha di matlafatsi tse nang le bokgoni ba ho lwantsha mafu a fapaneng a
ka re hlaselang, di matlafatsi tsena eba ona masole e mmele o a sebedisang ho lwantsha
ho kula ka tsela tse fapaneng. Ha kokwanahloko e ntjha jwalo ka COVID-19 e leka ho re
hlasela, mmele ya rona enka matsatsi a se makae ho kopanya masole a mmele a nepahetseng
ho ka e lwantsha. |
| Asymptomatic infection |
Asymptomatic |
An infection without symptoms; no signs of illness. |
(ho sa bonahaleng) Disabonweng |
Ho kula empa o sa ikutlwi ebile o sa bontshe matshwao |
| Bacteria |
Bacteria |
Bacteria, also called germs to small to see with the naked eye. Some bacteria are good
for you, while others can make you sick. |
Kokwanahloko |
Ke kokwanahloko kapa tshila e sa bonweng ka mahlo fela, hona le tse mmele o di hlokang
le tse ka re kudisang |
| Booster dose |
Booster dose |
An additional dose of a vaccine needed periodically to 'boost' the immune system. |
Booster dose (Tekanyetso ya di matlafatsi) |
Ente e lekanyeditsweng e hlajwang nako le nako ho thusa ho phahamisa masole a mmele
|
| Breaking News |
Breaking news |
New and important information |
Ditaba tsa bohlokwa (Ditaba) |
Ditaba tse ntjha tsa bohlokwa |
| Chest Pain |
Chest pain |
When you feel pain in your chest or heart area |
Sefuba se bohloko |
Ha o utlwa ho le bohloko ka sefubeng kapa haufi le pelo ya hao |
| Clinical trial |
Clinical trial |
A clinical trial tests the effectiveness and safety of medications, vaccines or medical
devices by monitoring their effects on large groups of people. Clinical trials have many
steps, and only the last few involve testing medicines on human beings. Clinical trial
results are checked by independent experts. |
Teko tsa bongaka (Diteko) |
Ke diteko tse etswang ho netefatsa tshebetso le polokeho ya meriana, di ente le di
sebediswa tsa bophelo bo botle. Di teko tsena di na le mekga e fapaneng, mme ke tse
mmalwa tse ho sebediswang sehlopha sa batho ho fihlella di pheto tse fapaneng. Di teko
tsena di lekolwa ke ditsibi tse ikemetseng. |
| Communicable |
Communicable |
a disease that spreads from one person or animal to another. Some bacteria and viruses
can cause communicable diseases. Other diseases – that do not spread from person to
person, like diabetes or hypertension – are called ‘non-communicable’. |
Tshwaetsano (lefu le tshwaetsanang) |
Ke bolwetsi bo botshwaetsanang pakeng tsa batho kapa diphoofolo. Kokwanahloko kapa mafu
a mang a ka baka ho kula ho tshwaetsanang. Ha a mang a kang lefu la tswekere kapa
kgatello ya madi ese mafu a tshwaetsanang |
| Comorbidity |
Pre-existing disease |
Pre-existing diseases are conditions that a person has before getting another disease .
In the context of COVID-19 it refers to existing chronic diseases – like cardiovascular
diseases, diabetes or hypertension, to name a few – that could put people at a higher
risk of developing complications if they are infected with the Corona virus. |
Lefu le sentse le le teng |
Ke mafu a neng a ntse a le teng pele ho fihla le letjha. Mona re bua ka mafu a sa
phekoleheng papisong le COVID-19- e kaba lefu la pelo, tswekere, kgatello ya madi ho
fana ka a mmalwa, ana a ka baka mathata ha motho a ka tshwarwa ke Coronavirus |
| Congregate settings |
Gatherings |
When many people come together at the same place and at the same time. Eg: parties,
marches, schools, prisons, churches etc. |
Dikopano |
Moo batho ba bangata ba kopaneng sebakeng se le seng ka nako e lenngwe. E kaba moketeng,
mohwantong, sekolong, tjhankaneng, di kerekeng le tse ding. |
| Consipracy Theory |
Fake news story |
Fake news stories are created to combined some facts and incorrect information to create
a story that will convince people that what is told to them by people in authority like
governments, healthcare workers and scientists is not true and will hurt them |
Ditaba tsa leshano (Ditaba tsa bohatal |
Ke ditaba tse senang nnete tse iketseditsweng mme tsa kopanywa le dintlha le lesedi le
fosahetseng ka sepheho sa ho kgodisa batho hore ditaelo tse tswang mmusong, ho
basebeletsi ba tsa bophelo bo botle mmoho le ditsibi ha di molemong wa batho mme di
etseditswe ho ba utlwiswa bohloko. |
| Contract |
Become infected |
To catch or develop a disease – you can become infected Covid-19, for example, by
breathing in the droplets of someone who is infected with the virus. |
Ho fumana tshwaetso |
Ho tshwaetswa kapa ho kudiswa - O ka tshwaetswa ke COVID-19, mohlala: ka ho hema
marothodi a fumang moyeng a kokwanahloko ena hotswa motho e mong ya nang le tshwaetso.
|
| Contra-indications |
medicines clash |
When a medicine, or medical process should not be used because it may be harmful to that
person because of pre-existing conditions or other medicine they are using. |
Ho se dumellane ha meriana e fapaneng |
Ha meriana kapa ditshebeletso tse ding tsa bongaka di sa tlameha ho sebediswa hobane di
ka baka kotsi ho motho ya seng antse a kula, a enwa meriana e meng bakeng sa mafu a mang
ka ba la ho se dumellane ha meriana eo. |
| Control group |
Control group |
In any medical experiment or trial, scientists compare what happens when you give an
active medicine linke a vaccine to one group to what would happen to a group if no
active medicine or vaccine was given was given to them. The group that did not receive
the active medicine are called the ‘control group’. |
Sehlopha sa taolo |
Ha ditsibi di etsa diteko bakeng sa lefu le itseng, ba nka sehlopha se ba tla sefa
meriana mme ho be le se sa fuweng letho ho fumana di pheto tse fapaneng. Sehlopha se sa
fuwang letho ke sona se re se bitsang sa taolo . |
| Coping |
Coping |
Being able to get through a difficult experience |
undefined |
Ho eba le bokgoni ba ho feta nakong tse thata |
| Data |
Information |
Facts, evidence and statistics |
Tlhahisoleseding |
Lintlha, Bopaki le Dipalo-palo (Dipoelo) |
| Depopulation |
Depopulation |
A process of inetntionally trying to kills antire populations and communities to have
less people in the world. There is a lot of fake news that tries to convince people that
COVID-19 or vaccines are meant to kill people. |
Ho fokotsa batho |
Ke ho sebedi mokgwa o itseng ho bolaya batho le metse ya bona ka maikemisetso a ho
fokotsa palo ya batho ba teng lefatsheng. Jwalo ka ditaba tsa leshano tse lekang ho
kgodisa batho hore Covid-19 mmoho le ente di etseditswe ho bolaya batho. |
| Depression |
Depression |
A mental health problem where a person feels very sad, tired, unable to cope and have no
enegry for long periods of time |
Kgatello ya maikutlo |
Ke bothata ba bohloko ba kelello moo motho a ikutlwang a sa thaba, a kgathetse, ase a sa
kgone ebile a sena matla boholo ba nako. |
| Diabetic |
Diabetic |
A person with high or low insulin levels |
Tswekere |
Motho e tswekere ya hae e ka phahamang kapa ya eba ka tlase ho di tekanyetso tsa mmele
|
| Diagnosis / Diagnose |
Diagnosis/ Diagnose |
To recognise a disease by its signs and symptoms is to diagnose a disease. If you test
positive for Covid-19, you have a positive diagnosis for the virus |
Ho Lemoha |
Ho lekola lefu le itseng ka matshwao a lona ke ho lemoha lefu leo. Ha eba eba diteko tsa
hao di kgutla di bontsha o na le tshwaetso ya Covid-19, Di tekolo tsa hao ke ha di
bontsha hantle o na le tshwaetso |
| DNA |
DNA |
The small chemical that determines how a cell will look and what it will do |
DNA |
| Dose |
Dose |
The amount of a medicine that you are allowed to take at one time |
Tekanyetso |
Bonyane ba moriana oo o dumelletsweng ho onwa ka nako e lenngwe. |
| Drug resistance |
Vaccine resistant |
When a virus changes it becomes hard for the vaccines or medicines that are created to
fight it to find it in our bodies. The vaccine will not work if the virus has changed
too much. |
Ho hana ente |
Ha kokwanahloko e fetoha, ho eba boima bakeng sa meriana le ente tse seng di entswe
bakeng sa yona ho e fumana le ho e lwantsha mmeleng ya rona. Ente e keke ya sebetsa ha
kokwanahloko e fetofetoha hangata. |
| Dry Cough |
Dry Cough |
A cough that feels like it is coming more from irritation in your throat |
Ho Hohlela ho omeletseng |
Ho hohlela hona o ka utlwa eka hotswa kgokgothong e bohloko |
| Effective |
works |
We say a vaccine "works” when it helps the body fight against a virus or bacteria |
E a sebetsa |
Re re ente "e a sebetsa" ha e thusa mmele ho lwana kgahlano le dikokwanahloko tse
fapaneng. |
| Efficacy |
Efficacy |
This tells us how well a vaccine works. The “efficacy” of a vaccine is its ability to
prevent illness and create immunity against a virus or bacteria. |
Tshebetso |
Sena se bontsha hore ente e sebetsa hole hokae. "Tshebetso" ya ente e bonwa ke ha ena le
bokgoni ba ho sireletsa kgahlano le ho kula, mme e o tshireletsa hore o se ke wa kula
kapa wa kenwa ke dikokwanahloko. |
| Evidence |
Proven facts |
Facts or information which tell you whether an idea or belief is true |
Dinnete tse nang le bopaki |
Di ntlha kapa tlhahisoleseding e o pakelang ha eba mohopolo o itseng ke tumelo fela kapa
ke nnete |
| Experiment |
Experiment |
An operation or procedure carried out by scientists under controlled conditions in order
to discover or investigate something unknown; to test or establish a hypothesis. |
Teko |
Ke lenaneo leo ditsibi di le sebedisang ho beha se seng leihlo ka maikemisetso a ho
fumana kapa ho fuputsa disatsejweng, ho etsa diteko le hotla ka bopaki ba mohopolo
oitseng. |
| Exposed/exposure |
Exposed |
When you have been in contact with a person that has a virus lik COVID-19 |
undefined |
Ha oile wa kopana le motho ya nang le kokwanahloko e tshwanang le COVID-19 |
| Flattening the curve |
Flattening the curve |
Slowing down the spread of COVID-19 so that there are not too many people sick at the
same time and hospitals are not too busy to help everyone |
undefined |
Ho fokotsa ho ata ha tshwaetso ya COVID-19 le ho fokotsa palo ya batho ba kulang ka nako
e lenngwe hore dipetlele tsa rona di se ke tsa tlala haholo moo ba sitwang le ho thusa
batho bohle |
| headache |
headache |
Pain in your head |
Hloho e opang |
Bohloko bo opisang hloho |
| High fever |
High fever |
When your tempreture is above 37 degrees usually leads to sweating |
Motjheso o hodimo |
Ha motjheso wa hao ole ka hodimo ho 37° ha ngata ho lebisa ho fufulelwa |
| Hotline |
Hotline |
A phone services that provides specific information |
Hotline (Nomoro ya Tshebetso) |
Mohala o sebediswang bakeng sa ho fana ka lesedi la di tshebeletso tse itseng |
| hypertension |
hypertension |
High blood pressure |
Kgatello ya madi |
Kgatello e phahameng ya madi |
| hypotension |
hypotension |
Low blood pressure |
Kgatello ya madi |
Kgatello e tlase ya madi |
| Immune response |
Immune response |
The way you body fights against bacteria, viruses, and substances that appear foreign
and harmful. |
Karabelo ya bokgoni ba ho itshereletsa kgahlano le mafu |
Ke ka moo mmele wa hao o itwanelang kgahlano le kokwanahloko, mafu le dintho tse sa
tlamehang ho ba mmeleng wa hao mme di ka nna tsa o bakela mahloko aitseng. |
| Immune system |
Immune system |
All the parts of your body that fights against virus and germ. The immune system keeps a
record of every germ/bacteria/virus it has ever defeated so it can recognise and destroy
it quickly if it enters the body again. We say the immune system has a memory. |
Sesole sa mmele |
Ditho tse fapaneng tsa mmele tse sebetsang mmoho ho lwana kgahlano le kokwanahloko le
tshila. Masole a mmele a hopola tshwaetso, kokwanahloko le lefu lefe kapa lefe obileng
le lona mme wa le hlola. Sena ke hore nakong etlang ha o ka kula hape e hlokomele kapele
mme ehle e lwantshe lefu leo. Re bolela hore ditho tsa mmele di a hopola |
| Immunisation |
Immunisation |
Is the process where a person's body is given a vaccine that helps it fight a new virus
like COVID-19 |
Ho entwa |
Ke tshebetso eo mmele wa motho o fuwang ente e thusang ho itwanela kgahlano le mafu a
matjha a kang COVID-19 |
| Immunity |
Immunity |
When your immune system has a memory of a virus and sends the correct antibodies to
fight the virus. This memory can be created by a vaccine |
Ho tshireletseha |
Ha masole a mmele wa hao a hopola kokwanahloko a romella di lwantsha kokwanahloko tse
nepahetseng ho lwantsha kokwanahloko eo. Ho hopola hona ho ka ahwa ka ho enta |
| Immuno- compromised |
Immuno-compromised |
Having a weak ability for your body to fight a disease because of pre-exiting diseases
|
Kotsing ya ho kula |
Ha mmele wa hao o sena matla a ho ka kgona ho lwantsha kokwanahloko ka lebaka la mafu a
mang a sentse a o tshwere |
| Incubate |
Incubate |
Before you get symptoms of a particular illness, the bacteria or virus that causes
disease is spreading slowly in your body to make you feel sick. |
Hlahisa (Thlaiso) |
Pele o ka bona matshwao a mafu a itseng,kokwanahloko e bakang ho kula e se entse e kena
mmeleng hanyane hanyane pele o ikutlwa o kula |
| Infectious |
Infectious |
Contagious/catchy – capable of making an infection |
Tshwaetso |
Ea hahlamela/tshwaetsa - e ka baka ho ka fumana di tshwaetso |
| Inoculation |
Inoculation |
Another word for vaccination or immunisation – the process where you become immune to an
infectious disease. |
Ho enta |
Lentswe le sebediswang bakeng sa ho aha masole a mmele - tshebetso e thusang kgahlano le
ho kula |
| Interaction |
how medicines mix |
Some medicines have effects on each other, or may make it difficult or easier for other
medicines to work. This can cause side effects or can make a medicine work better.
Always tell a doctor what medicine you are using when they need to give you more
medicine. |
Ka moo meriana e tswakang ka teng |
Meriana e meng e ama emeng, e ka etsa ho be bonolo kapa bobebe ho ka e sebedisa hore e
meng e sebetse. Sena se ka baka ditlamorao kapa tsa thusa meriana emeng ho sebetsa
betere. Ka mehla bolella ngaka ya hao ka meriana o se ntse oe sebedisa pele o amohela e
meng. |
| Jab |
Jab |
A word that describes getting a vaccine dose |
Ho Hlaba |
Lentswe le hlalosang ho hlaba bale ya ente |
| Laboratory |
undefined |
A place equipped for experimental study in a science or for testing and analysis a
research |
undefined |
Sebaka se nang le di sebediswa tsohle tsa ho ka etsa diteko tsa saenase kapa ho tutsa ho
itseng le ho etsa di patlisiso |
| Lockdown |
Lockdown |
A government regulation to limits people's movements and makes certain health behavours
complusory |
Ho kginwa ha di tshebeletso tse itseng |
Engwe ya melao ya mmuso e kginang metsamao ya batho mme e qobella boitshwaro bo
nepahetseng ba bophelo bo botle |
| Mandatory |
compulsory |
Required by a law or rule: obligatory/compulsory |
Qobello |
Ke molao kapa taelo: wa qobelleha/tlameha |
| Microscopic |
very small |
Something so small that you cannot see it with the naked eye – something you can only
see through a microscope. Bacteria and viruses are microscopic, for example |
E nyenyane haholo |
Ke nthonyana e nyenyane o kekeng wa e bona ka mahlo fela- ke ntho o ka e bonang ka
microscope. Dikokwanahloko le tsona di ka bonwa ka microscope. |
| Mimic |
copy |
To copy / look-like / imitate something |
Kopisa |
Ho qopitsa, etsisa hohong |
| mRNA |
mRNA |
Messenger-RNA are small chemicals that send messages to your cells to tell them about
how a new virus that has not attacked the body yet will look. It is used in vaccines to
create immune system memory |
mRNA |
Morumua- RNA ke di khemikhale tse romelang molaetsa ho ditho tsa mmele ho di tsibisa ka
kokwanahloko e so di hlaseleng. E sebediswa le ka hare ho ente ho bopa molaetsa wa
kgopolo. |
| Mucus |
Mucus |
A slim found in the body |
Sekgohlela |
Ke lero le fumanwang mmeleng |
| Myths |
Myths |
A widely held but false belief or idea. There are many myths – otherwise known as fake
news or fictions – about Covid-19 and vaccines |
Ditumelo (Tumelo) |
Ke mopolo kapa taba eo batho ba bangata ba dumelang ho yona empa e sena nnete. Hona le
Tumelo tse ngata- Tseo eseng nnete - Tse mabapi le ente ya COVID-19 |
| Non-pharmaceutical interventions |
health behaviours |
Things that every person can do to prevent a disease that does not involve taking
medicine |
Bo itshwaro bo botle |
Dintho tse batho ba ka di etsang ho itshereletsa kgahlano le tshwaetso ntle le meriana
|
| Nurse |
Nurse |
A health worker that is the first and most regular person to give you care at a medical
facility |
Mooki |
Mosebeletsi wa tsa bophelo bo botle e leng wa pela mme atlanneng a o thusa hangata ha
oile bookelong |
| Nursing |
Nursing |
A job where people care for the medical needs of people in clinics and hospitals |
Booki |
Mosebetsi wa ho hlokomele ditlhoko tsa bakudi tsa bophelo bo botle di tliliniking le
dipetlele |
| Open spaces |
Open spaces |
Places that are outdoors and have a lot of fresh air |
Dibaka tse bulehileng |
Dibaka tse kantle mme tse nang le moya o mongata o hlwekileng |
| Pandemic |
Pandemic |
A pandemic is an when a disease spreads across a large region, for instance multiple
continents or worldwide, affecting a large number of people. |
Sewa |
Sewa ke ha kokwanahloko e itjala ho phatlalla le sebaka, e kaba di kontinenteng tse
balwang kapa lefatshe ka bophara, e ama dipalo tse hodimo tsa batho |
| PCR test |
covid test |
A test that uses a sample from the back of your nose and mouth to know if there is
COVID-19 virus in your body. The test can be done in a clinic, hospital, laboratory or
even in your car |
Teko ya Covid |
Teko e sebedisang sampole e hlahang morao ka hare ho nko le molomo ho tseba ha eba mmele
wa hao o na le tshwaetso ya COVID-19. Diteko tsena di ka etswa tliliniking, sepetlele,
laboratoring kapa ka koloing ya hao |
| Peer review |
independently tested |
The process where scientists who were not involved with the trial – or who are
independent experts – check test results for a scientific study is called peer review.
This is a way of making sure that the results of an experiment/trial/study are accurate
|
Diteko tse ikemetseng |
Tshebetso ya borasaense (ditsibi) tse sa amaneng le diteko tsa bongaka - ke batho ba
ikemetseng- ba lekolang di poelo bakeng sa boithuto ba mahlale tse bitswang peer review
(ho bolelang ho hlahlobana). Ena ke tsela ya ho etsa bonnete ba hore di poelo tsa diteko
di nepahetse |
| Placebo |
Placebo |
Substance or treatment that has no effect on human beings. |
Placebo(e senang thuso) |
Di ntho kapa kalafo tse sa ameng batho |
| Population immunity |
Population immunity |
Also known as herd immunity’, population immunity is when at least 70% of a community
have antibodies that help them fight a new virus like COVID-19. This can happen through
many people being infected with the virus or through many people getting a vaccine |
Tshireletso ya baahi |
Tshireletso ya baahi ke ha bonyane di peresente tse 70 tsa baahi di tshireletsehile hore
masole a mmele a bona aka lwana kgahlano le kokwanahloko tse ntjha jwalo ka COVID-19.
Sena se ka bakwa ke ha batho ba bangata ba fumana tshwaetso kapa ba amohela ente. |
| PPE |
PPE |
Personal protective equipment (PPE), is equipment worn to minimize exposure to hazards
that cause injuries and illnesses. Masks are part of PPE. |
PPE |
| Public health |
Public Health |
Public health is the process of protecting and improving the health of people and their
communities. |
Bophelo bo botle ba Setjhaba |
Bophelo bo botle ba Setjhaba ke tshebetso ya ho tshireletse le ho ntlafatsa bophelo bo
botle ba batho le metse ya rona. |
| Public spaces |
Public spaces |
Anypublic place where people who are not from home can gather |
Dibaka tsa setjhaba |
Sebaka sefe kapa sefe seo batho ba satsweng lelapeng le le leng ba ka kopanang teng
|
| Quarantine |
Quarantine |
When a person who is or could be infected with a virus needs to stop being with other
people so that they do not spread the virus |
Ho ikwalla |
Ha motho a nang le tshwaetso ya kokwanahloko kapa a nahana ona le tshwaetso o lokela ho
emisa ho kopana le batho ba bang hore a se ke a ba tshwaetsa |
| Register |
Register |
The process using your phone or comupter to give your details so that you can get the
vaccine |
Ho Ingodisa |
Mokgwa o sebediswang wa ho nehelana ka dintlha tsa hao bakeng sa ho ingodisetsa ho enta,
e kaba ka mohala wa thekeng kapa ka komporo ya hao |
| Replicate |
undefined |
When a virus is spreading in your body, it is making more copies of the virus |
Ipheta-pheta |
Ha tshwaetso ya kokwanahloko e hasana mmeleng, e atisa tshwaetso |
| Review |
Review |
The process of checking if a vaccine is safe before it gets approved by government.
Evidence from more than one phase of a clinical trial can be reviewed at the same time
while the experiment continues |
Hlahlobo |
Ke tshebetso ya ho lekola polokeho ya ente pele mmuso o ka e amohela. Bopaki botswang ho
karolo e lenngwe ya diteko tsa bongaka e ka hlahlojwa ha ntse ho etswa diteko tse ding
|
| Saline |
Salt water |
A solution of salt in water |
Metsi a letswai |
Motswako wa metsi le letswai |
| Sanitize |
Sanitise |
To clean you hands with an alcohol based substance |
Hlwekisa |
Ho hlwekisa matsoho a hao ka se sebediswa se nang le jwala ka hare. |
| SARS COV-2 |
COVID-19 |
Covid-19, also known as the Corona Virus or SARS-CoV-2, is a mild to severe illness
attacks parts of the body that help people breath. It spreads through droplets in the
air or from toucing people or thing that have the droplets that have the virus in it
|
COVID-19 |
COVID-19 e tsejwang ka Corona Virus kapa SARS-COV-2 ke ho kula ho sesane ho isa ho kula
haholo ho hlaselang ditho tsa mmele tse thusang ho hema. O ka fumana tshwaetso ka ho e
hema marothoding a fumanwang moeng le ho tshwara dibaka tse nang le marothodi ana anang
le tshwaetso |
| Screening |
Screening |
Screening is questions asked to determine a person’s risk of infection for a particular
disease. |
Dihlahlobo |
Ke dipotso tse botswang ho fumana ha eba o kotsing ya ho tshwaetswa ke lefu le itseng
|
| Self-Isolation |
Self-isolation |
Is a way to keep yourself from possibly infecting others if you think you might be
infected. It involves limiting contact with public places, relatives, friends,
colleagues, and public transport |
Ho ikarohanya ( ho ba thoko le batho) |
Ke mokgwa wa ho thiba ho ka tshwaetsa ba bang ha eba mohlomong o nahana o na le
tshwaetso. Ho akga ka hare ho kgaotsa ho etela dibaka tse fapanang, ba leloko,
metswalle, basebetsi mmoho le ho sebedisa di palangwang tsa setjhaba. |
| Social distancing |
social distancing |
The practice of maintaining a greater than usual physical distance (such as 1.5 meters
or more) from other people. |
Arohana /Karohano |
Ho itlwaetsa ho boloka sebaka dipakeng (bo ka lekanang le mitara le halofo) hole le
batho ba bang |
| Soreness |
Soreness |
Pain in your muscles and joints |
Ho opa (opelwa ke mmele/bohloko) |
Bohloko ba manonyeletso le ditho tsa mmele |
| Spike Protein |
Spike protein |
The COVID-19 virus looks like it was many small stick on it. These sticks have bad
protein that help COVID-19 to enter the body and attach to parts of the body that have
good protein that it starts to attack |
Spike Protein |
Kokwanahloko ya COVID-19 e shebahala eka ke dithutswana tse ngata tse nyenyane ho yona.
Thutswana tsena di na le di matlafatsi tse fosahetseng tse thusang COVID-19 ho kena
mmeleng mme e itshwareletse ho ditho tsa mmele tse nang le di matlafatsi tse nepahetseng
mme e qale ho o hlasela |
| Susceptible |
vulnerable |
When a person can get sick quickly or because of pre-exiting diseases could get very
sick |
Kotsing |
Ha motho a ka kula ha bobebe kapele kapa ka lebaka la hore o se antse ana le mafu mang a
ka etsang a kule kapele |
| Symptoms |
Symptoms |
Physical or mental signs of an illness. The most common symptoms of COVID-19 are fever,
dry cough, and tiredness. Other symptoms that are less common and may affect some
patients include loss of taste or smell, aches and pains, headache, sore throat, nasal
congestion, red eyes, diarrhoea, or a skin rash |
Matshwao |
Matshwao a mmele le a kelello a bontshang ho kula. Matshwao a tlwahelehileng a COVID-19
ke motjheso, ho hohlola le mokgathala. A mang a matshwao a teng ke a sa tlwaelehang mma
a ka amang bakudi ba bang a kenyeletsa ho lahlehelwa ke tatso ya dijo kapa ya monko, ho
opelwa le mahlaba, hloho, qoqotho e bohloko, ho kibana Nko, mahlo a mafubefu, letshollo
kapa makgopo a masesane a letlalo |
| Technology |
Technology |
New tools or processes |
Theknoloji |
Di sebediswa tse ntjha kapa mehato |
| Tight Chest |
Tight Chest |
When a person's chest hurts and they feel like breathing is difficult |
Sefuba se tetehaneng (kwalehileng) |
Ha sefuba sa motho se opa ebile a utlwa a hema ka thata. |
| Tiredness |
Tiredness |
Feeling tire more than usual |
Mokgathala |
Ho ikutlwa o kgathetse ho feta matsatsi a mang (mokgathala o sa tlwaelehang). |
| Transmission |
Transmission |
Is the passing/spreading of a disease from an infected individual or group to a
previously uninfected individual or group |
Phetiso (Fetisa) |
Ho fetisa le ho tshwaetsa ba bang ba neng ba sena tshwaetso. |
| Transmit |
pass on |
Cause (something) to pass on from one person or place to another. Eg: COVID-19 |
Fetisa (Ho Fetisa) |
Ho fetisetsa ho motho e mong ka sebakeng se seng. Mohlala:COVID-19 |
| Trial |
test |
A test or experiment, usually conducted under specific condition |
Teko |
Teko, di etswa tlasa maemo a itseng |
| Vaccine |
Vaccine |
A vaccine is a type of medicine used to prevent diseases caused by viruses – also called
viral diseases – like measles, mumps, chickenpox, liver cancer, Cervical Cancer and now
Covid-19. Vaccines help prevent the spread of these diseases. A vaccine can be in the
form of drops you swallow or an injection into muscles in your body. There are different
types of vaccines, but they work similarly in your body to create immunity against a
certain illness |
Ente |
Ente ke mofuta wa moriana o sebediswang ho thibela ho kula ho bakwang ke di kokwanahloko
- lefu la kokwanahloko- jwalo ka maselese, mumps, chickenpox, kankere ya mofetshe,
popelo mme jwale le Covid-19. Di ente di thusa ho thibela tshwaetso ya mafu ana. Ente e
katla ka mofuta wa marothodi o a kwenyang, kapa wa hlaba nale mesifeng ya mmele. Ho na
le mefuta e fapaneng ya ente, fela e sebetsa ntho e tshwanang mmeleng, ho aha
boitshireletso kgahlano le ho kula ke mafu a itseng |
| Vaccine hesitancy |
Vaccine hesitancy |
When people delay taking the vaccine because they do not know if it works or are afraid
of the side-effects |
Qeaqeo ka ente |
Ha batho ba dieha ho enta hobane ba sa tsebe ha eba ente ea sebetsa kapa e bolokehile
kapa ha ena ditlamorao |
| Variant |
Variant |
A form or version of something that differs in some respect from other forms of the same
thing; a new or mutated version of a virus. A variant of Covid-19 that has been
identified in South Africa is called 501Y.V2 |
Mofuta (O Fapaneng) |
Mokgwa kapa mofuta o fapanang wa hohong ho fapanang le ho itseng ka tsela enngwe empa
ele ntho e lenngwe; kokwanahloko e ntjha kapa e fetohileng. Mofuta o motjha wa covid-19
o fumanwe Africa Borwa o bitswang 501Y.V2 |
| Ventilation |
Ventilation |
The provision of fresh air to a room, building or building. A space with good airflow is
well ventilated |
Kenomoya |
Ho dumella moya o hlwekileng ka hare ho phaposi kapa moaho. Sebaka senang le phallo
entle ya moya se na le moya o bolokehileng wa ho hema |
| Viral vector vaccine |
Viral vector vaccine |
A weak and changed form of a virus is used in a vaccine to go into our bodies tell the
body how the real virus looks and what it does. This helps the body fight when the virus
attack the body |
Ente ya Viral Vector (kokwanahloko e fokolang) |
Mokgwa o motjha o fokolang wa kokwanahloko o sebediswang ka hara ente ho romella
tlhokomediso ya hore kokwanahloko e jwang ebile e etsang mmeleng. Sena se thusa mmele ho
itwanela ha o hlaselwa ke kokwanahloko |
| Virus |
Virus |
A virus is an infectious organism of small size and simple composition that can multiply
only in living cells of animals, humans, plants, or bacteria. |
Kokwanahloko |
Kokwanahloko ke tshwaetso ya ditho tse nyenyane tsa mmele e ka holang mme ya ikatisa ha
e ka dulang dithong tse phelang tsa diphoofolo, batho, dumela, le tshila kapa
kokwanahloko tse ding |
| Virus Mutations |
Virus changes |
Changes to the structure of a virus which can changes to how it affects the body. All
viruses change over time, either because of changes to the environment or because when
the virus is spreading there may be mistakes or changes how it copies itself. |
Ho fetoha ha kokwanahloko |
Ho fetoha ha sebopeho sa kokwanahloko ho ka fetolang ka moo e hlaselang mmele.
Kokwanahloko di fetoha nako e kgolo, e kaba hobane ho bile le diphetoho tsa sebaka kapa
ha e jaleha mmeleng ho eba le diphoso kapa e fetole mokgwa oo e ikatisang ka ona. |
| Vulnerable |
Vulnerable |
A person in need of special care, support, or protection because of age, disability, or
risk of abuse or neglect |
Ho ba kotsing (Kotsing) |
Motho ya hlokang tlhokomelo e ikgethileng, tshehetso kapa tshireletso ka lebaka la
dilemo, boqhwala, kotsing ya tlhekefetso kapa ho se hlokomelwe |
| Wave |
Wave |
A wave happens when the number of people infected by COVID-19 increases very fast and
the number of people in hospitals of dying is very high |
Leqhubu |
Leqhubu ke ha ho etsahala hore palo ya batho ba fumang tshwaetso ya COVID-19 e nyoloha
ka sekgahla, mme palo ya batho ba dipetlele le ba hlokahalang e le hodimo |